|
|
|||||||||||||||||||||||
InterNICHE Co-ordinator
Nick Jukes 42 South Knighton Road Leicester LE2 3LP England Tel/Fax +44 116 2109652 coordinator@interniche.org |
O nahana hore diteko tsa mahlale tse etswang diphoofolong di o ruta eng? Ha hona lebaka la hore diphoofolo di ka bolauwa hore di buhuwe “ho seha mmele ka bongaka kapa ho etsa opereshene” ele hore ho phethoe diteko tsa mahlale sebakeng sa ho ruta le ho tataisa baithuti. Mekgwa ya sejwale-jwale e tswetseng pele e ka sebediswang kantle le ho bolauwa hoa diphoofolo e mengata mme e se e ntse e sebediswa ka tlwahelo ke diyunibesiti tse ngata. Mekgwa ya setho ya ho ithuta kantle le ho bolauwa kapa ho hlekefatswa hoa diphoofolo e kgona ho sebetsa ka phethahalo hape e fana ka sepheo se nepahetseng sa ho ithuta. Thekenologi ya dikhomputa ya maemo a hodimonyana e fana ka mananeo a fapaneng a ho ithuta, akang, ho banahatswa hoa diphoofolo ka hare ho mmele le diteko tsa dilaborathori sekerining, tse shebahalang eka ke tsa nnete ho fa baithuti bokgoni le kutlwisiso ya tsamaiso ya tleliniki. Mekhwa ya sejwale-jwale ya lithuso tsa ho ruta e fana ka bokgoni le kwetliso ya di ngaka hape e akaretsa meetso e menyenyane sebakeng sa ho buha le ditho tsa mmele tse shebahalang eka ke tsa nnete ekasita le mekhwa e fepelang dikarabo. Mekgwa e meng e ipehisitse ho baithuti ba baithaupi ba etsang diteko tsa diphephetso tsa methapo/mesifa ba sebedisa dikhomputa tse sebedisang diteko. Thuto ya setho le yona eka nna ya ama diphoofolo. Ha baithuti ba dingaka tsa diruiwa ba thusa basebetsi mmoho ka bakudi ba nnete ditleliniking, ba ithuta dikarolo tse ngata tse fapaneng mabapi le bokgoni, ho hlokomela bakudi le ho hlompha bophelo – ho fapana le diteko tsa diphoofolo tse barutang hore diphoofolo ke disebediswa tse ka lahlwang feela. Ha baithuti ba dihlodilweng ba ithuta ka diphoofolo hlatheng kantle le ho ditsoenya, ba ithuta dintho tse ngata haholo ka boitswaro/dibopeho tsa diphoofolo ho feta ba ithutang ka diteko tsa mahlale di laborathoding. Ha ho lekantswa le baithuti ba kalafo ba sebedisang mmele e phalletsweng sebakeng sa ho buha, baithuti ba diphoofolo le dihlodilweng ba ka sebedisa mekhwa ya ho buha diphoofolong tse bolauweng ke ho kula kapa ho lemala. Tshebediso ya diphoofolo tse bolauweng le tsa diteko tsa mahlale ha di rute baithuti le ba ithututwana hantle ka thuto ho feta mekhwa ya setho e rutang betere ho feta. Le ha holejwalo, diteko tsa mahlale diphoofolong di fana ka mohlala wa hore maphelo a diphoofolo ha a bohlokwa. Na re batla dingaka tsa diphoofolo, dibatli le dingaka tsa kalafo tse rutilweng hore dintho tse phelang di ka sebediswa ebe di ya lahlwa? Ebe diphoofolo di ka nkwa hlatheng, kapa tsa kwallwa ka mapokising a manyane maphelo a tsona kaofela, di sa kgone ho bontsha dibopeho tsa tsona, ebe di qetella di le ditafoleng tse buhelang kapa di lokisetswe diteko tsa mahlale tse di hlokofatsang? Dithuto tse phatlaladitsweng di bontsha hore tsebo, bokgoni le hlokomediso ea setho eka fumanwa ka ho sebedisa mekgwa e betere ho kgatela pele. Sebakeng sa ho hapeletsa ditumelo tsa bona tsa setho, baithuti le baithutwana ba ka thabela sebaka sa boithuto se betere kantle le ho sebedisa diphoofolo tse hlekefaditsweng. O na le matla a ho tlisa phetoho. Kopana le InterNICHE ho thusa ho tlisa hlekefatso ya diphoofolo fedisong. Khetha thuto ya setho!
|
||||||||||||||||||||||
|